Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:14 - BIBELE

14 Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa Pauluse ha a re o ahlamisa molomo wa hae, Galione a re ho Bajuda: Bajuda, holane ho tsekwa taba e kgopo, leha e le ketso e nngwe ya bolotsana, nka be ke tshwanela ho le emela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Yare ha Pauluse a se a le haufi le ho ahlamisa molomo, Galio a re ho Bajuda: Hoja e ne e le taba ya bokgopo, kapa bohlola bo kgopo, lona Bajuda, nka be ke le mamella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yare ha Pauluse a se a le haufi le ho ahlamisa molomo, Galio a re ho Bajuda: Hoja e ne e le taba ya bokgopo, kapa bohlola bo kgopo, lona Bajuda, nka be ke le mamella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”


“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?


Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng.


Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.”


Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.”


Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.


Babusi ba ke ke ba tshajwa ke ba etsang tse ntle, empa ba tshajwa ke ba etsang tse mpe. Ha u sa rate ho tshaba ya busang, etsa tse ntle, mme o tla o rorisa,


Hoja la ka la mamella bothotonyana ba ka! Etsang jwalo hle!


Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse.


Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ