Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:4 - BIBELE

4 Ba bang ba bona ba dumela, mme ba sebedisana le Paulosi le Silase, le bongata bo boholo ba Bagerike ba kgumamelang Modimo, le basadi ba bangata ba ka sehloohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Ba bang ba bona ba dumela, ba ikopanya le Pauluse le Silase; le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang borapedi, le basadi ba kgabane ba seng bakae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ba bang ba bona ba dumela, ba ikopanya le Pauluse le Silase; le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang borapedi, le basadi ba kgabane ba seng bakae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:4
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.


Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso.


Moratuwa wa hao o ile kae, wena Seilatsatsi hara basadi ba bang? Moratuwa wa hao o nkile efe tsela, re tle re tsebe ho o batlisa yena?


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Bajuda ba botsana, ba re: “O se a tla ya kae hore re se ke ra mo fumana? E seng o se a tla ya ho ba qhalaneng hara Bagerike le ho ruta Bagerike?


Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.


Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Ha etsahala hore ha Paulosi le Baranabase ba le Ikonione, ba kene hammoho ka tlung ya thapelo ya Bajuda. Ba bua hoo palo e kgolo ya Bajuda le Bagerike e ileng ya dumela.


Empa baahi ba motse ba arohana; ba bang ba dumellana le Bajuda, ba bang le baapostola.


Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.


Ka baka leo, re romile Juda le Silase, mme ba tla le tsebisa ditaba tseo ka molomo.


Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa.


Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi.


Paulosi a rata ho tsamaya le yena, yaba o mo nka a mmolotsa ka baka la Bajuda ba leng dibakeng tseo, hobane ba ne ba tseba bohle hore ntatae ke Mogerike.


Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda.


Ka baka leo, ba bangata ba bona ba dumela, le basadi ba hlomphehang ba Bagerike, le banna ba bangata.


Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.


Kahoo ka tsatsi le leng le le leng a buisana le Bajuda ba tshabang Modimo ka tlung ya thapelo, le ba ka tshohang ba eba teng lebaleng la motse.


Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela. Hara bona ho ne ho ena le Dionisiose, setho sa lekgotla la Areopagose, le mosadi ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang.


A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.


Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena.


Bohle ba dumetseng ba ba mmoho, mme ba kopanela maruo a bona.


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


Ba bang ba kgodiswa ke tseo a di buileng, empa ba bang ba se ke ba dumela.


Ha Petrose le Johanne ba se ba lokolotswe, ba ya ho ba sehlopha sa bona, ba se tsebisa tsohle tseo baprista ba baholo, le baholo ba setjhaba ba di buileng ho bona.


Ka thato ya Modimo, di ile tsa ikabela Modimo pele, tsa nto ikabela le rona, le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ