Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:28 - BIBELE

28 “Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “ ‘Hobane re bile re bana ba hae.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hobane ke ka yena re utlwang, re sisinyehang, re leng teng; jwalokaha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko wa hae ka sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Hobane ho yena re phela, re sisinyeha, re teng; jwalokaha baroki ba bang ba lona ba boletse, ba re: Le rona re bana ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Hobane ho yena re phela, re sisinyeha, re teng; jwalokaha baroki ba bang ba lona ba boletse, ba re: Le rona re bana ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:28
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.


Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao.


Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.


Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Modimo hase wa bafu, ke Modimo wa ba phelang, hobane bohle ba phela ka yena.”


mora wa Enoshe, mora wa Seta, mora wa Adama, mora wa Modimo.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.


Jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le Mora ho ba le bophelo ka ho yena.


Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.”


Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena.


E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re: “Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.”


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?


Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo,


Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ