Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:16 - BIBELE

16 Paulosi ha a ntse a emetse Silase le Timothea, Athene, a fela pelo ha a bona hore motseng ho tletse ditshwantsho tsa medimo ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moya wa hae wa hlabeha, kahare ho yena, ha a bona motse o ineetse tshebeletso ya medimo ya ditshwantsho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Yare ha Pauluse a ntse a ba emetse Athene, moya wa hae wa hlabeha, ha a bona motse o tletse borapedi ba ditshwantsho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Yare ha Pauluse a ntse a ba emetse Athene, moya wa hae wa hlabeha, ha a bona motse o tletse borapedi ba ditshwantsho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Yena a re: “Ke ka baka la ho tjhesehela ho sebeletsa Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao.


Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele.


Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Empa nna ruri ke na le matla, Moya wa Morena o ka hare ho nna; o nthutile toka, wa mpha le sebete ho bolella Jakobo ditlolo tsa hae, le ho bolella Iseraele sebe sa hae.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.


Batho ba feleheditseng Paulosi ba mo fihlisa Athene, mme hoba ba newe taelo e yang ho Silase le Timothea, e reng bao ba tle ho Paulosi kapelepele, ba kgutla.


Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha.


Ha ke ntse ke itsamaela, mme ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsweng ho yona: ho modimo ya sa tsejweng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona.


Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe.


“Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng,


Jwale ha re se re sitwa ho iphapanya, re ile ra ikhethela ho sala re le bang Athene.


Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ