Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:14 - BIBELE

14 Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba baena ba ntsha Pauluse kapele, jwaloka hoja ho uwa lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse ho ya fihla lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse ho ya fihla lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.


Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:


Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.


Paulosi a fihla Derebe le Lesitera. Teng ho ne ho ena le morutuwa e mong ya bitswang Timothea, mmae e le mosadi wa Mojuda, wa modumedi, empa ntatae e le Mogerike.


Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda.


Batho ba feleheditseng Paulosi ba mo fihlisa Athene, mme hoba ba newe taelo e yang ho Silase le Timothea, e reng bao ba tle ho Paulosi kapelepele, ba kgutla.


Ba bang ba bona ba dumela, mme ba sebedisana le Paulosi le Silase, le bongata bo boholo ba Bagerike ba kgumamelang Modimo, le basadi ba bangata ba ka sehloohong.


Ha ba sa ba fumane, ba hulanyetsa Jasone le badumedi ba bang kapela bo-ramotse, ba ntse ba howa, ba re: “Banna bana ba ferekantseng dibaka tsohle, le mona ba tlile,


Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia.


Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.


A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia.


empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.


Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.


Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.


A re ho bona: “Balehelang thabeng, esere baphaladisi ba lona ba kopana le lona. Le qete matsatsi a mararo le ipatile moo, ho fihlela baphaladisi ba lona ba be ba kgutla. Kamora moo le ka tswela pele leetong la lona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ