Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:13 - BIBELE

13 Empa Bajuda ba Thesalonika ha ba utlwa hore Paulosi o boletse lentswe la Modimo le Berea, le teng ba ya, ba tsosa moferefere, ba ferekanya matshwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Empa Bajuda ba Thesalonika, ha ba utlwa hore lentswe la Modimo le bolelwa ke Pauluse Berea, ba tla le teng, ba ferekanya letshwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa Bajuda ba Thesalonika, ha ba utlwa hore lentswe la Modimo le bolelwa ke Pauluse Berea, ba tla le teng, ba ferekanya letshwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.


Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Na le hakanya hore ke tlile ho fana ka kgotso lefatsheng? Tjhe, ke a le bolella, ke tlisitse karohano.


Empa Bajuda ba sa dumeleng ba hlohleletsa, ba senya maikutlo a baditjhaba hore a hanane le badumedi.


Ha ba fetile Amfipolese le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo ho neng ho ena le ntlo ya thapelo ya Bajuda.


Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda.


Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba.


A felehetswa ke Sopaterose, mora wa Purose wa Berea, Arisetarekose le Sekundose ba Thesalonika, Gaiose wa Derebe, le Timothea, Tikikose le Terofimose ba Asia.


Ha matsatsi a supileng a se a ya fela, Bajuda ba tswang Asia, ha ba bona Paulosi ka Tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.


Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.


Maetong a ka a mangata ke bile dikotsing tsa dinoka, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing tsa ba heso, dikotsing tsa baditjhaba, dikotsing metseng, dikotsing mafeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing tsa badumedi ba bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ