Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:9 - BIBELE

9 Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Mme pono ya bonahala ho Pauluse bosiu; Monna wa Masedonia o ne a eme, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme pono ya bonahala ho Pauluse bosiu; Monna wa Masedonia o ne a eme, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:9
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”


Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.


Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.


Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia.


Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”


Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.


Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.


Ha moferefere o kgaoditse, Paulosi a bitsa barutuwa, a ba kgothatsa, a ba dumedisa, yaba o ya Masedonia.


A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia.


Ra kena ka sekepeng se tswang Adaramutinose, se neng se eya metseng e lebopong la Asia, re ena le Arisetarekose, wa Thesalonika, motse wa Masedonia, yaba re a tloha.


Kaha Lida e le haufi le Jopo, barutuwa ha ba utlwa hore Petrose o Lida, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo rapela, ba re: “O se ke wa dieha ho tla ho rona.”


hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema.


Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


Yare hoba re fihle Masedonia, ra se ke ra phomola, empa ra tshwenyeha ka mekgwa yohle, ra ba hara diqabang, mme tshabo ya eba teng dipelong tsa rona.


Bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia.


Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.


Ha o ka nqane ho lewatle, hoo le ka reng: ‘Ke mang ya tla re tshelela lewatle, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?’


etswe le etsa jwalo ho bana babo lona kaofela ba hohle Masedonia. Feela re a le rapela, bana beso: Atlehang le ho feta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ