Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:29 - BIBELE

29 Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Yaba o bitsa lebone, a tlolela ka hare, a tla a thothomela, a itihela kapele ho Pauluse le Silase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Yaba o bitsa lebone, a tlolela ka hare, a tla a thothomela, a itihela kapele ho Pauluse le Silase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:29
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.


Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.


Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”


Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ