Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:2 - BIBELE

2 Timothea o ne a pakwa ke badumedi ba leng Lesitera le Ikonione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O ne a roriswa ke baena ba Listra le ba Ikone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Yaba o ne a bolelwa hantle ke baena ba Lystra le Ikone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yaba o ne a bolelwa hantle ke baena ba Lystra le Ikone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:


Yaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ba ya Ikonione.


Ha etsahala hore ha Paulosi le Baranabase ba le Ikonione, ba kene hammoho ka tlung ya thapelo ya Bajuda. Ba bua hoo palo e kgolo ya Bajuda le Bagerike e ileng ya dumela.


Hoba ba bolelle motse wa Derebe molaetsa o molemo, mme ba sokolle ba bangata hore e be barutuwa, ba boela Lesitera le Ikonione le Antiokia.


Ha baapostola ba lemoha taba eo, ba tshabela metseng ea Lokaonia, le Lesitera le Derebe, le tikolohong ya yona,


Ha ba etswa tjhankaneng ba kena ha Lidia, ba bona badumedi, ba ba kgothatsa, ba nto tsamaya.


Ka baka leo, bana beso, kgethang banna ba supileng hara lona, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re tla ba nea mosebetsi ona,


Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae.


Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.


Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.


Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e pepeneneng; athe le e seng jwalo e ke ke ya nna ya pateha.


ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.


Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.


Ke ka baka la yona baholoholo ba rona ba ileng ba pakwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ