Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:16 - BIBELE

16 Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Eitse ha re ya thapelong, ra kgahlana le morwetsana e mong ya nang le moya wa bonohe, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka bonohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Eitse ha re ya thapelong, ra kgahlana le morwetsana e mong ya nang le moya wa bonohe, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka bonohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:16
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


“ ‘Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae.’ ”


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng.


La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.


Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.


Monna e mong wa setei sa silefera, ya bitswang Demetriose, o ne a etsa ditempelana tsa Aretemise ka silefera, mme a fumantsha basebetsi mouno o mongata.


tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.


Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.


Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.” Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ