Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:29 - BIBELE

29 ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Ke hore le ile dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola; Dumelang hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Ke hore le ile dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola; Dumelang hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:29
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.


Bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona; ka baka leo, ke itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la ja bobete ba ntho efe kapa efe, hobane bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona. Mang kapa mang ya ka bo jang, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”


E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; feela ako ntumelle ke yo dumedisa ba lelapa la ka pele.”


Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.


Ha e le baditjhaba ba dumetseng, re ile ra ba tsebisa ka lengolo qeto ya rona ya hore ba ile tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola.”


Eitse hoba ke longwe tsebe hore monna enwa o rerilwe, ka mo romela ho wena ka potlako, ka laela le baqosi ba hae hore ba tlo bolela kapele ho wena seo ba mo qosang ka sona.”


Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.


Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.


Ke bobete feela boo le sa tlong ho bo ja; bona le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.


O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ