Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 14:3 - BIBELE

3 Ka baka leo, bo-Paulosi le Baranabase ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka Morena. Morena a paka bonnete ba lentswe le bolelang mohau wa hae, ka ho ba nea matla a ho etsa mehlolo le dimakatso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Leha ho le jwalo, ba hlola teng matsatsi a mangata, ba bolela ba itshepisitse ka Morena, ya neng a tiisa lentswe la mohau wa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 14:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.


Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”


Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.


“Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


“Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng.


Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Rona le Moya o Halalelang, oo Modimo a o neileng ba mo mamelang, re dipaki tsa ditaba tsena.”


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ