Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 14:27 - BIBELE

27 Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 14:27
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba re ho yena: “Mahlo a hao a tutubolohile jwang?”


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


Jwale phutheho yohle ya kgutsa, mme ya mamela Baranabase le Paulosi ha ba bolela mehlolo le dimakatso tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona hara baditjhaba.


Nke ke ka ba sebete ho bua ka letho haese ka tseo Kreste a di sebeditseng ka nna, ka dipolelo le ka diketso, hore baditjhaba ba mamele Modimo.


Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo.


Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya?


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.


ka lebitso la Morena Jesu. Mohla le phuthehang, mme le nna ke le teng ka moya, re ena le matla a Morena wa rona Jesu,


Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.


Le rona le re rapelle, hore Modimo a tle a re fumantshe monyetla wa ho phatlalatsa lentswe la hae, re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng ditlamong ka baka la sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ