Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:6 - BIBELE

6 Ha ba se ba tsamaile le sehlekehleke sohle ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, e le moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barejesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yare ha ba tsamaile sehlekehlekeng ho ya fihla Pafose, ba fihlela monna wa senohe, moporofeta ya leshano wa Mojuda, lebitso la hae e le Bare-Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Eitse ha ba haola le sehlekehleke ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barjesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Eitse ha ba haola le sehlekehleke ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barjesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Morena a re ho wona: ‘Jwang?’ “Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano.’ “Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’


Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: ‘O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.’ Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


Ba fihla Jeriko. Ha Jesu a tloha Jeriko le barutuwa ba hae le letshwele, sefofu Baretimea, mora Timea, o ne a dutse pela tsela a ntsa kopa.


Paulosi le ba nang le yena ba tloha Pafose ka sekepe, ba ya fihla Perege e Pamfilea. Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.


Empa Elemase wa senohe, kaha lebitso la hae le hlaloswa jwalo, a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong.


Bao ke baapostola ba bohata, basebetsi ba mano, ba iketsang e ka ke baapostola ba Kreste.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ