Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:48 - BIBELE

48 Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

48 Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena; mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

48 Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena, mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

48 Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena, mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:48
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle.


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho ya ho yona.


Le nna, ke le motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka, mme ha ke re ho enwa, ‘Eya,’ o a ya, le ho e mong ‘Tloo,’ o a tla, le ho mohlanka wa ka, ‘Etsa hona,’ o a etsa.”


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.


e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.


Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena.


Yare ha ba etswa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle ditaba tseo le ka Sabatha se latelang.


Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena.


Hoba ba le bale, ba thabela kgothatso ya lona.


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.


Rona ra ba etella pele ka sekepe, ra tshelela Asose, moo re neng re ikemiseditse ho palamisa Paulosi teng, hobane o ne a lokisitse jwalo hore yena o tla ya ka maoto.


“Ka re: ‘Ke etse jwang, Morena?’ “Morena a re ho nna: ‘Tsoha, o kene Damaseka, mme teng o tla bolellwa tsohle tseo Modimo a rerileng hore o di etse.’


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Jwale? Seo Baiseraele ba neng ba se batla, ha ba a ka ba se fumana, empa bakgethwa ba se fumane. Ha e le ba bang ba thotofaditswe,


Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.


Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.


Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


le seo boholo bo fetisisang ba matla a hae bo leng sona ho rona ba dumelang. Ka wona matla ao a hae a maholo,


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae,


Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ