Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:4 - BIBELE

4 Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yare hobane Moya o Halalelang o ba rome, ba theohela Selosia; teng ba kena sekepeng, ba tshelela Sipera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Yaba bona, kahobane ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selosia; ba tloha teng ka sekepe, ba ya Sipera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Yaba bona, kahobane ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selosia; ba tloha teng ka sekepe, ba ya Sipera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:4
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela.


Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”


Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.


Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”


haese hore Moya o Halalelang o ntemosa hore motseng o mong le o mong, ditlamo le matshwenyeho di nkemetse.


Ho tloha moo ra ikgohla ka sehlekehleke sa Sipera ka baka la meya e neng e re tobile.


Josefa, eo baapostola ba neng ba mmitsa Baranabase, e leng ho re Tshediso, Molevi ya tswaletsweng Sipera,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ