Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:36 - BIBELE

36 “Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Hobane Davida, eitse hobane a sebeletse moloko wa hae ka thato ya Modimo, a ithoballa, mme a patwa ho bontatae, mme a bona ho bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Hobane Davida, eitse hobane a sebeletse moloko wa hae ka thato ya Modimo, a ithoballa, mme a patwa ho bontatae, mme a bona ho bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:36
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena Modimo wa hao, a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.’ ”


“ ‘Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Jehoshafate a shwa, mme a epelwa ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jehorame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.


haeba ke re ho lebitla: ‘Ke wena ntate,’ ho seboko ke re: ‘O mme, o kgaitsedi,’


ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko.


Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.


Tefello ya bophelo ba motho e feta matla a hae, a ke ke a e lekana le ka mohla!


ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.


Jesu a re: “Tlosang letlapa.” Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.”


Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: ‘Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle.’


“Banna ba heso, ho a lokela hore ke bue le lona phatlalatsa ka moholoholo wa rona Davida: O ile a shwa, a epelwa, mme lebitla la hae le sa le teng hara rona le kajeno-ya-bokajeno.


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.


Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse.


Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.


Bana beso, re rata ha le tseba tsa ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la lla jwaloka ba bang, ba se nang tshepo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ