Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:29 - BIBELE

29 Ha ba se ba phethile tsohle tse ngotsweng ka yena, ba mo theola sefapanong, ba mmea ka lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Eitse hobane ba phethe ditaba tsohle tse ngodilweng bakeng sa hae, ba mo fanyolla sefateng, ba mo kenya lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Eitse hobane ba phethe tsohle tse ngodilweng ka yena, ba mo theola sefateng, ba mmea lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Eitse hobane ba phethe tsohle tse ngodilweng ka yena, ba mo theola sefateng, ba mmea lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:29
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e se e le mantsiboya, kaha e ne e le letsatsi la Tlhekelo, ke ho re le etellang Sabatha pele,


Ho ne ho ena le monna ya bitswang Josefa, monna ya molemo, ya lokileng, mme e le setho sa lekgotla.


a se fanyolla, a nto se phuthela ka lesela, a se bea ka lebitleng le betlilweng lefikeng, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ho lona.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.


Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.


hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala;


ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.


Modimo wa bo-ntata rona o tsositse Jesu bafung, eo le mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.


le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ