Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:25 - BIBELE

25 Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: ‘Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Johanne ha a se a ya qeta leeto la hae, a re: Le hloma ke le mang? Ha ke yena. Empa bonang, e mong o ya tla kamorao ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla dieta maotong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Eitse ha Johanne a phetha leeto la hae, a re: Le reng ke mang? Ha ke eena. Empa bonang, ho tla e mong kamorao ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla dieta tsa hae maotong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Eitse ha Johanne a phetha leeto la hae, a re: Le reng ke mang? Ha ke eena. Empa bonang, ho tla e mong kamorao ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla dieta tsa hae maotong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae.


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”


Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.


“Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.


Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.”


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.


Etlare hoba di qete ho paka, sebatana se tswang mohohlong o se nang pheletso se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ