Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:21 - BIBELE

21 Ho tloha moo ba ikopela ho fuwa kgosi, mme Modimo a ba nea Saule, mora wa Kishe, wa leloko la Benjamine, ya ileng a busa ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Kamora tseo, ba kopa morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Kamora tseo, ba kopa morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.


Setjhaba sohle sa ya Gilegale, mme moo Morena a ntseng a bona, sa bea Saule hore e be kgosi. Sa etsetsa Morena mahlabelo a nyehelo ya teboho hona moo. Saule le banna bohle ba Iseraele ba nyakalla haholo.


Samuele a re ho Saule: “Morena o ile a nthoma hore ke o tlotse, o be kgosi ya setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, ka baka leo, mamela mantswe a Morena.


Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”


Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui.


Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ