Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:18 - BIBELE

18 Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Mme ka nako e ka bang dilemo tse mashome a mane a mamella mekgwa ya bona feelleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Mme ka nako e ka bang dilemo tse mashome a mane a mamella mekgwa ya bona feelleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone lehwatateng.


Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.


Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.’


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ