Diketso 13:17 - BIBELE17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT17 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o phahamisitse setjhaba sena ha se ne se ahile naheng ya Egepeta, mme ka letsoho le phahameng a se ntsha teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202417 Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o phahamisitse setjhaba sena ha se ne se ahile naheng ya Egepeta, mme ka letsoho le phahameng a se ntsha teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?
Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.