Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:11 - BIBELE

11 Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.” Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Mme jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao, mme o tla foufala, o sa bone letsatsi ka nakwana. Yaba moholi le lefifi tsa wela hodima hae hang-hang; mme a pota-pota a batla ba ka mo tsamaisang ka letsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mme jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao, mme o tla foufala, o sa bone letsatsi ka nakwana. Yaba moholi le lefifi tsa wela hodima hae hang-hang; mme a pota-pota a batla ba ka mo tsamaisang ka letsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:11
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae.


Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”


“Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!


Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula.


Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale.


bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo.


Morena o le tliseditse sephume sa boroko, o le tutubaditse, lona baporofeta, o le kgurumeditse dihlooho, lona dinohe.


Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”


Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”


Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.


Ke ntho e tshabehang ho wela diatleng tsa Modimo ya phelang.


Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho.


Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.


Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ