Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 12:4 - BIBELE

4 Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yare hobane a mo tshware, a mo kenya teronkong, mme a mo neela dihlophana tse nne, hore di tle di mo lebele, hlopha se seng le se seng se ena le bahlabani ba bane, a lakatsa ho mo hlahisa pela setjhaba ha Paseka e fetile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Ya re a sena go mo tshwara, a mo tsenya mo ntlong ya kgolegelo, a mo neela ditlhopha di le nne tsa batlhabani ba le bane, gore ba mo dise; o ne a rerile ho mo tlisa ho batho ka mora Paseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ya re a sena go mo tshwara, a mo tsenya mo ntlong ya kgolegelo, a mo neela ditlhopha di le nne tsa batlhabani ba le bane, gore ba mo dise; o ne a rerile ho mo tlisa ho batho ka mora Paseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 12:4
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.


Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le naheng ya Egepeta, a re:


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


“Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka.


Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Simone a re ho yena: “Morena, ke itokiseditse ho ya le wena tjhankaneng le lefung.”


Hoba bahlabani ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di arola karolo tse nne, mohlabani ka mong a fumana karolo. Ha e le seaparo sa kahare se ne se se na moroko, se lohilwe hohle ho tloha hodimo.


Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”


Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.


Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.


ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.


Ba ba tshwara, mme kaha e ne e se e le mantsiboya, ba ba hlahlela tjhankaneng ho fihlela ka la hosasane.


ba tshwara baapostola, ba ba hlahlela tjhankaneng ya setjhaba.


Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ