Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 12:21 - BIBELE

21 Ka letsatsi le kgethilweng, Heroda a apara seaparo sa hae sa bokgosi, a dula setulong sa hae, a bua le batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka letsatsi le beilweng, Heroda a apara kobo tsa borena, a dula teroneng ya hae; ha a ntse a bua le bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Ka tsatsi le beilweng, Heroda a apara seaparo sa borena, a dula teroneng ya hae, a bua le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ka tsatsi le beilweng, Heroda a apara seaparo sa borena, a dula teroneng ya hae, a bua le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 12:21
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya Iseraele le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona.


Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.


Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho.’ ”


Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”


Jwale Heroda o ne a halefetse ba Tire le Sidone haholo. Ba tla ho yena ba le ntsweleng, mme hoba ba qekise Belasetose, modisa wa ntlo ya kgosi ya ho robala, ba kopa kgotso, hobane naha ya bona e ne e phediswa ke ya kgosi.


Letshwele la howa, la re: “Lentswe lena ke la modimo, e seng la motho!”


Kamora matsatsi a mahlano Moprista e Moholo, Ananiase, a theoha le baholo ba bang, le mmuelli e mong ya bitswang Teretulose, ba qosa Paulosi kapele ho mmusisi.


Ka tsatsi le hlahlamang, Ageripa le Berenike ba fihla ba aperwe ke balaodi ba ba sekete, le banna ba motse ba ka sehloohong, ba kena ka tlung. Ka taelo ya Fesetose, Paulosi a tliswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ