Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:29 - BIBELE

29 Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Barutuwa ba eba ntswe le le leng ho romela baena ba ahileng Judea dithuso, kamoo e mong le e mong a neng a ka ntsha kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:29
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sa mosebetsi ona ba fana kamoo ba ka kgonang kateng, ba nea ramatlotlo kgauta e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mahlano, le silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a robedi. Ba fana ka diaparo tsa boprista tse lekgolo.


Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!


Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.


Jesu le barutuwa ba hae le bona ba ne ba memetswe lenyalong.


Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:


Baapostola le badumedi ba neng ba le Judea ba utlwa hore le baditjhaba ba amohetse lentswe la Modimo.


mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.


Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang.


Yare ha barutuwa ba sa ntsane ba mmokanetse, a ema, a kena motseng. Ka la hosasane a tloha le Baranabase, ba ya Derebe.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


“Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo.


Ha se ke ha eba le ya hlokang, hobane bohle ba neng ba ena le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlise tjhelete ya tse rekisitsweng,


Matsatsing ao, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, Bajuda ba buang Segerike ba ile ba ipelaetsa ka ba tswaletsweng Judea, ka hore bahlolohadi ba habo bona ba sekisetswa kabong ya dithuso tsa letsatsi le letsatsi.


Yare hoba a je, a boela a matlafala. Saule a hlola nakwana le barutuwa ba leng Damaseka,


empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.


ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa,


Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ