Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:27 - BIBELE

27 Matsatsing ao baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba ya Antiokia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mehleng eo, baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba tla Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;


Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,


Empa ba bang ba bona e ne e le matswallwa a Sipera le ba Sirene, bao eitseng ha ba fihla Antiokia ba bua le bahedene, ba ba ruta molaetsa o molemo wa Jesu Kreste.


Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia.


Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule.


Ba tloha teng ka sekepe, ba tshelela Antiokia, e leng moo ba neng ba ile ba bewa kalosong ya mohau wa Modimo ka baka la mosebetsi oo jwale ba o phethileng.


Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.


Yare hoba ba lokollwe, ba theohela Antiokia, ba bokella badumedi bohle, mme ba ba nea lengolo.


Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa.


Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.


“ ‘Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.


Ra fumana barutuwa, mme ra hlola moo matsatsi a supileng. Ka tshusumetso ya Moya ba bolella Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.


Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.


Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia.


Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.


Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.


Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,


Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.


Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ