Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:22 - BIBELE

22 Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Taba eo, eitse ha e utlwahala kerekeng ya Jerusalema, ba roma Barnabase hore a etele Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Taba ena ya fihla ditsebeng tsa kereke e Jerusalema, mme ba roma Barnabase hore a ye Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Taba ena ya fihla ditsebeng tsa kereke e Jerusalema, mme ba roma Barnabase hore a ye Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baapostola le badumedi ba neng ba le Judea ba utlwa hore le baditjhaba ba amohetse lentswe la Modimo.


Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela.


Empa ba bang ba bona e ne e le matswallwa a Sipera le ba Sirene, bao eitseng ha ba fihla Antiokia ba bua le bahedene, ba ba ruta molaetsa o molemo wa Jesu Kreste.


mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.


Matsatsing ao baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba ya Antiokia.


Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena.


Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.


Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.


Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia.


Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng.


Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena.


Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.


Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ