Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:18 - BIBELE

18 Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:18
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.


Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.


Baapostola le badumedi ba neng ba le Judea ba utlwa hore le baditjhaba ba amohetse lentswe la Modimo.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.


Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo.


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”


Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong.


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.


Yare ha bo-moprista Finease, le mahosana a setjhaba, le dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba utlwa mantswe a builweng ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba karolo e nngwe ya Manase, ba kgotsofala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ