Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:12 - BIBELE

12 Moya wa re ho nna ke tsamaye le bona ke sa qeaqee ka letho. Le bana beso bana ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena ka tlung ya monna eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Moya wa mpolella, hore ke ye le bona, ke sa kganane. Baena bana ba tsheletseng ba ya le nna le bona, mme ra kena tlung ya monna eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Yaba Moya o re ke ye le bona, ke sa belaele letho. Hape, le bara bao ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena tlung ya monna eo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Yaba Moya o re ke ye le bona, ke sa belaele letho. Hape, le bara bao ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena tlung ya monna eo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;


athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang.


Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:


Yare hoba a re ba kene, a ba amohela. Ka la hosasane a itokisa, a ya le bona, mme badumedi ba bang ba Jopo ba mo felehetsa.


Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba,


A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: ‘Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose.


Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”


Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe.


Kamora kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ka molomo wa ka baditjhaba ba utlwe lentswe la molaetsa o molemo, mme ba dumele.


Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela.


Kamorao ho moo, yare hoba badumedi ba leng Roma ba utlwele tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa lebaleng la motse wa Apiuse, le moo ho thweng ke Dihoteleng tse Tharo, mme yare ha Paulosi a ba bona, a leboha Modimo, a kgoba matshwafo.


Yaba Moya o Halalelang o re ho Filipi: “Eya, o tsamaye le kariki eno.”


Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.


Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ