Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:41 - BIBELE

41 e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:41
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


Judase, e seng Judase Isekariota, a re ho yena: “Morena, ho tla jwang hore ebe o se o tla iponahatsa ho rona, e seng ho lefatshe na?”


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


mme le lona le tla mpaka, hobane le bile le nna ho tloha qalong.


Jesu a tla, a nka bohobe, a ba nea bona; le ka tlhapi a etsa jwalo.


ho tloha ha Johanne a kolobetsa, ho fihlela ka letsatsi leo Jesu a neng a tloswe ho rona, a nyollelwa lehodimong ka lona, e mong wa bona e be paki ya tsoho ya hae mmoho le rona.”


Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.


“Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa naheng ya Bajuda le Jerusalema; yena eo ba mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.


Ka matsatsi a mangata a iponahatsa ho ba neng ba nyolohile le yena ho tloha Galelea ho tla Jerusalema, bao jwale e leng dipaki tsa hae ho batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ