Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:20 - BIBELE

20 Ema he, o theohe, o ye le bona o sa qeaqee, hobane ba romilwe ke nna.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Ema he, o theohe, o ye le bona, o sa belaele letho, hobane ke nna ke ba romileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ema he, o theohe, o ye le bona, o sa belaele letho, hobane ke nna ke ba romileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Atamelang pela ka, le mamele hona: Ho tloha tshimolohong ha ke qala ho bua, ha ke a ka ka buela sephiring; ha tseo di etsahetse ke ne se ntse ke le teng.” Jwale Morena Modimo o nthomme, o nthomme ka Moya wa hae.


A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.


Petrose a theohela ho banna bao, a re: “Ke nna eo le mmatlang! Lebaka leo le tlileng ka lona ke lefe?”


Moya wa re ho nna ke tsamaye le bona ke sa qeaqee ka letho. Le bana beso bana ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena ka tlung ya monna eo.


Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe.


Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”


Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ