Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:14 - BIBELE

14 Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa Petrose a re: Ha ho jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa Petrose a re: Ha ho jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lota a re: “Ho se be jwalo, hle, Morena wa ka.


Le ho ka! A ho tsamaye lona banna, hona jwale, le yo sebeletsa Morena, hobane ke sona seo le neng le se batla.” Yaba ba lelekwa kapele ho Faro.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo.’ ”


Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.


“ ‘Ka baka leo, le tla kgetholla phoofolo e hlwekileng ho e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho e sa hlwekang; le se ke la itshilafatsa ka phoofolo, kapa ka nonyana, kapa ka ntho efe kapa efe e hahabang hodima lefatshe, eo ke le kgetholletseng yona hore ha e a hlweka.


Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.”


Petrose a mo nkela kathoko, a mo kgalemela, a re: “Morena Modimo a hauhe! Hona ha ho ka ke ha etsahala ho wena.”


“Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’


Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”


Ba bona barutuwa ba bang ba hae ba eja dijo ka matsoho a sa hlwekang, ke ho re a sa hatlelwang.


Empa mmae a araba, a re: “Tjhe, o tla bitswa Johanne.”


Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?


Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!”


A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.


“Ka araba, ka re: ‘O mang, Morena?’ “Yaba o re ho nna: ‘Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.’


A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ