Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:1 - BIBELE

1 Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ho ne ho ena le monna e mong Sesarea, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa lekgotla le bitswang la Mataliana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ho ne ho ena le monna e mong Sesarea, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa lekgotla le bitswang la Mataliana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:1
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu tlung ya bobusisi, ba nto mmokellela lebotho lohle.


Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”


Yaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ya bobusisi, mme ba bitsa lebotho lohle.


Jwale mohlanka wa molaodi e mong wa lebotho la ba lekgolo, eo e neng e le wa bohlokwa ho monga hae, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.


Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.


Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.


Ka le hlahlamang a kena Sesaria. Kornele o ne a ba lebeletse, a bitsitse bang ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo.


Ha ba ntse ba leka ho mmolaya, molaodi wa lebotho la ba sekete a tsebiswa hore Jerusalema yohle e moferefereng.


Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.


Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”


Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.


Ha ba fihla Sesaria ba neelana ka lengolo la mmusisi, mme ba siya Paulosi matleng a hae.


Yare hoba Fesetose a fihle naheng eo, ha feta matsatsi a mararo, yaba o tloha Sesaria o nyolohela Jerusalema.


Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose.


Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.


Paulosi a bua le molaodi wa ba lekgolo le bahlabani, a re: “Ha banna bao ba sa dule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.”


Empa molaodi wa ba lekgolo, ka ho rata ho pholosa Paulosi, a ba thibela morerong oo wa bona. A laela ba tsebang ho sesa hore ba itihele metsing pele, ba yo fihla lebopong,


Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ