Diketso 1:8 - BIBELE8 empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT8 Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 20248 Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.