Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:7 - BIBELE

7 A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 A re ho bona: “Ha se taba ya lona ho tseba dinako le mehla, tseo Ntate a di beileng matleng a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 A re ho bona: “Ha se taba ya lona ho tseba dinako le mehla, tseo Ntate a di beileng matleng a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Na Ya Matla wohle tsatsi la kahlolo ha a le tsebe? Ba mo sebeletsang nako ya lona ba a e tseba?


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.”


“Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela.


Ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi, hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng.”


“Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate.


Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.”


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


Morero oo Modimo a tla o phatlalatsa, ha nako e beilweng e fihlile, ke wa ho kopanya tsohle tse mahodimong le lefatsheng tlasa Kreste.


“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”


Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,


Tseba hona: Mehleng ya bofelo ho tla ba le dinako tsa bothata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ