Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:22 - BIBELE

22 ho tloha ha Johanne a kolobetsa, ho fihlela ka letsatsi leo Jesu a neng a tloswe ho rona, a nyollelwa lehodimong ka lona, e mong wa bona e be paki ya tsoho ya hae mmoho le rona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne.


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha,


mme le lona le tla mpaka, hobane le bile le nna ho tloha qalong.


Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”


ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe.


“Jesu eo, Modimo o mo tsositse, mme bohle re dipaki.


Baapostola ba paka tsa tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme bohle ba thahasellwa haholo.


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ