Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:16 - BIBELE

16 “Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Bana beso, ho ne ho tlameha ho phethehe lengolo leo Moya o Halalelang o le boletseng ka molomo wa Davida mabapi le Judase, eo e neng e le moetapele wa ba tshwereng Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Bana beso, ho ne ho tlameha ho phethehe lengolo leo Moya o Halalelang o le boletseng ka molomo wa Davida mabapi le Judase, eo e neng e le moetapele wa ba tshwereng Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:16
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Moya wa Morena o buile ka ho nna, lentswe la hae la ba lelemeng la ka.


Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.


Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”


Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota o ya ho baprista ba baholo,


Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Empa Mangolo a ka phethahala jwang a reng, eka kgona ho be jwalo?”


Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.


Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’


A re a sa bua, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo.


Yare Jesu a sa bua, ha hlaha letshwele, mme e mong wa ba leshome le metso e mmedi ya bitswang Judase, o ne a le eteletse pele. Yaba o atamela ho Jesu, hore a mo ake.


Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.


“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.


Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale.


Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”


“Bukeng ya Dipesalema, ho ngotswe ho thwe: “ ‘Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona. “ ‘Hape ho thwe: “ ‘E mong a nke mosebetsi wa hae.’


Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”


“Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,


Yare hoba ba kgutse, Jakobo a bua, a re: “Bana beso, mmameleng!


Kamora kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ka molomo wa ka baditjhaba ba utlwe lentswe la molaetsa o molemo, mme ba dumele.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”


“Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”


Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Ha etsahala hore kamora matsatsi a mararo, Paulosi a meme baetapele ba Bajuda. Ha ba se ba kopane a re ho bona: “Banna ba heso, le hoja ke sa etsa se hananang le setjhaba kapa le meetlo ya boholoholo, ke motshwaruwa ya tswang Jerusalema, ya neetsweng matsohong a Baroma.


Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.


hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.


Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ne ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore, ha ba se ba e tsebile, ba kwenehele ditaelo tse halalelang tseo ba di neilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ