Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 9:4 - BIBELE

4 “Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: ‘Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka.’ Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 9:4
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: ‘Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng.’


ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.


Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.


Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?


Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.


Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Manyala wohle ao Morena a a hloileng, ditjhaba tsena di a etseditse medimo ya tsona, tsa ba tsa e etsetsa sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba tsona.


Moloko wa bone o tla kgutlela mona, hobane bokgopo ba Baamore ha bo eso phethehe.”


Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.


E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,


Le ke le tsebe hore hase ka baka la lona ke etsang sena, ho rialo Morena Modimo. Lona ba ntlo ya Iseraele, hlajwang ke dihlong, le swabele boitshwaro ba lona!


“Ka baka leo, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Modimo o bua tjena: Hase ka baka la lona, lona ba ntlo ya Iseraele, ke etsang sena, empa ke ka baka la lebitso la ka le halalelang, leo le le silafaditseng hara ditjhaba tseo le ileng ho tsona.


Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona.


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.


Ke tseba kamoo le fetohang kateng, le kamoo le leng manganga kateng. Bonang, esita le kajeno, ke ntse ke phela le lona tjena, le nnile la fetohela Morena. Jwale le tla mo fetohela hakae, ha ke se ke shwele?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ