Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 8:3 - BIBELE

3 O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 8:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba kopa, yaba o ba tlisetsa dikwekwe; a ba kgorisa ka bohobe bo tswang mahodimong.


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”


Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’ ”


Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela.


Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine kapa jwala, e le hore le tle le tsebe hore ke nna Morena Modimo wa lona.


Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”


ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ