Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 8:2 - BIBELE

2 Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 8:2
46 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.


Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.


Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


hore tsela tse kgopo ba di kgelohe, boikakaso bo be hole le bona.


Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.


Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.


Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba, a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Jwale ke re: “Se ntlhabileng ke sena: Letsoho la Ya Hodimodimo le fetohile.”


“Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto;


Yaba Moshe o ipiletsa ho Morena, mme Morena a mmontsha sefate. Moshe a nka lekala la sona a le lahlela ka metsing, mme metsi a eba monate. Morena a ba beela molao le taelo, a ba a ba leka hona moo,


Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.”


Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena.


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’


Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka.


Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.


Bana ba lona ba tla lelera lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ka baka la ho se tshepahale ha lona, ho fihlela ditopo tsa lona di timellela lehwatateng.


“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


le kahobane a ne a sa hloke ho bolellwa letho ka motho; kaha a ne a tseba se ka ho motho.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona.


e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.”


lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.


“Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.


Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela.


“Hopolang mehla ya kgalekgale, nahanang mengwaha ya meloko ya pele, botsang bo-ntata lona, mme ba tla le jwetsa, baholo ba lona ba tla le bolella.


Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle;


Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.


hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Hona ke hore ke leke Baiseraele ka tsona, ke bone hore na ba tla boloka tsela ya Morena jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba e boloka, ba tsamaya ka yona, kapa tjhe.”


Ba ile ba siuwa hore ho lekwe Baiseraele ka bona, ho tsejwe hore na ba tla mamela melao ya Morena, eo a e laetseng bo-ntata bona ka Moshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ