Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:5 - BIBELE

5 Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa.


Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe.


A heletsa dialetare tsa medimo ya bohata, a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla le difika tseo ba di kgumamelang, a thua le ditshwantsho tsa Ashera.


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao.


O heletse dialetare tsa bona, o thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, o senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera.


A ke ke a sheba dialetare tse entsweng ke matsoho a hae. A ke ke a sheba tse etsedisweng tshwantsho tsa Ashera, le aletare tsa mokubetso tse entsweng ke matsoho a hae.


“ ‘Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi.


“Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona.


Le se ke la iketsetsa sefika seo le se kgumamelang, e leng ntho eo Morena Modimo wa lona, a e hloileng.


“Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


Ka nka ntho eo le entseng sebe ka yona, e leng namane eo le neng le e bopile, ka e tjhesa ka mollo, ka e sila, ya eba thuethue jwaloka lerole, ka e qhalla ka nokaneng e theohang thabeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ