Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:3 - BIBELE

3 Le se ke la nyallana le tsona. Le se ke la nea bara ba tsona baradi ba lona, kapa la nkela bara ba lona baradi ba tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O se ke wa nyallana le bona; o se ke wa nea bara ba bona baradi ba hao, mme o se ke wa nkela bara ba hao baradi ba bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,


A ba nyala le hoja Morena a ne a itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la nyallana le bona, hobane ruri ba tla le kgelosetsa ho medimo ya bona.” Empa Solomone a ba rata haholo.


A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Ka baka leo, a re etseng selekane le Modimo wa rona, re kgutlise basadi bana bohle, le bana ba bona, ho ya ka keletso ya monga ka, le ya bohle ba hlomphang melao ya Modimo wa rona, mme hona ho etswe ka molao.


Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle.’


Setjhaba sa hlapanya, sa re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.


Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?” Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ