Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 7:1 - BIBELE

1 “Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le yang ho yona, hore e ba ya lona, o tla leleka ditjhaba tse ngata, tse kapele ho lona, e leng: Bahete, le Bagirigashe, le Baamore, le Bakanana, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke ditjhaba tse supileng, tse kgolo, tse matla ho le feta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 7:1
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele,


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


Ka boholo ba botlotlehi ba hao, o diha ba o tsohelang matla; kgalefo ya hao ha e tuka e ba tjhesa jwaloka mmoko.


Ke tla romela bobi ho o etella pele, mme bo tla leleka Bahife, le Bakanana, le Bahete kapele ho wena.


“O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.


Ha ba ka ke ba aha naheng ya hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe, hobane ha o ka sebeletsa medimo ya bona, hoo e tla ba leraba ho wena.”


Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ”


“Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera,


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Empa bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, bona ke tla ba finyeletsa naheng eo, mme ba tla tseba naha eo le e hanneng.


Ha a se a timeditse ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a ba nea naha eo hore e be lefa la bona


Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le kenang ho yona ho e hapa, le tle le hlohonolofatse thaba ya Gerisime, mme le rohake thaba ya Ebale.


“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.


Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang.


Ke tla ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme ba tla ja, ba kgore, ba none. Empa ba tla latela medimo e meng, ba e sebeletse, ebe ba a nnyedisa, ba kwenehela selekane sa ka.


Ke Morena Modimo wa lona, ya tla tshela a le eteletse pele. O tla timetsa ditjhaba tsena tse kapele ho lona, le hape naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla tshela a le eteletse pele, jwalokaha Morena a buile.


Ditjhaba tse kgolo, tse matla ho le feta, o ile a di leleka kapele ho lona ho le tlisa naheng ya tsona, le ho le nea yona, e le lefa la lona, jwalokaha ho le jwalo ka letsatsi lena.


“Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona.


“Ha Morena Modimo wa hao, a se a o fihlisitse naheng eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntatao Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a o neile metse ya teng e meholo, e metle, eo wena o sa kang wa e haha;


O tla leleka dira tsohle tsa hao kapele ho wena, jwalokaha Morena a buile.


Rona o ile a re ntsha moo, hore a re tlise kwano ho re nea naha eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata rona.


“Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.


Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.


“Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: ‘Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka.’ Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.


A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa.


“ ‘La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.


Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ