Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 6:3 - BIBELE

3 Mamela he, wena Iseraele, mme o hlokomele ho e phetha, e le hore o tle o atlehe, mme o ngatafale haholo, ha o le naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntatao, a ile a o tshepisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 6:3
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao;


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.


O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala.


Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.


Ke re ke tla le ntsha matshwenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.’


A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.


Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.


Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.”


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


“Yare ha nako ya tshepiso eo Modimo a e etseditseng Aborahama e atamela, setjhaba sa ata, sa ngatafala Egepeta,


le tle le phele halelele naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Tadima tlase, o le leahong la hao le halalelang, le lehodimong, o hlohonolofatse Iseraele, setjhaba sa hao, le mobu oo o re neileng wona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha o ne o hlapanyetse bo-ntata rona.’ ”


A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Ha le se le tshetse le ngole mantswe wohle a molao ona hodima majwe ao, e le hore le tle le kene naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona; e leng naha e phallang lebese le mahe a a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le tshepisitse.


Ke tla ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme ba tla ja, ba kgore, ba none. Empa ba tla latela medimo e meng, ba e sebeletse, ebe ba a nnyedisa, ba kwenehela selekane sa ka.


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ