Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 5:9 - BIBELE

9 O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna, Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba nltlhoileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 5:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo.


“O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang.


ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.”


O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.


‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’


Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi.


Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.”


esere kgalefo ya Modimo wa hao ya o tlokomela, a o timetsa lefatsheng, hobane Morena Modimo wa hao, ya phelang le wena, ke Modimo ya boulelang.


Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ