Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 5:4 - BIBELE

4 Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova o buile le lona, difahleho di tadimane, a le thabeng, hara mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 5:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.


Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re:


Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.


Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.


Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane.


Morena a bua le lona a le kahara mollo. Le ile la utlwa modumo wa mantswe feela, empa la se ke la bona ya buang. Le ile la utlwa lentswe la hae feela.


“Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang.


Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela?


O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo.


“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ