Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo.
Morena a re: “Bona, ke etsa selekane. Mahlong a setjhaba sohle sa heno, ke tla etsa dimakatso tse esong ho etswe lefatsheng lohle, le hara ditjhaba tsohle. Setjhaba sohle seo o phelang hara sona se tla bona mosebetsi wa Morena, hobane seo ke leng lekgatheng la ho se etsa ka wena se a tshabeha.
e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe.’ Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.
“Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena.
Ana ke wona mantswe a selekane seo Morena a neng a laele Moshe hore a se etse le bana ba Iseraele ha ba le naheng ya Moabe; e le se seng hape, ntle ho seo a neng a se etse le bona ha ba le thabeng ya Horebe.
Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.
Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.