Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 4:2 - BIBELE

2 Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 4:2
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e le hore le bao ba tle ba tshepe Modimo, ba se ke ba lebala mesebetsi ya Modimo, ba mpe ba boloke melao ya hae.


Se eketse letho polelong tsa hae, esere a o kgalema, wa fumanwa o le leshano.”


Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho.


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.


“Le utlwile hore ho ile ha thwe: ‘Rata wa heno, o hloye sera sa hao.’


Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona.


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


“Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo;


Moshe o re laetse Molao, ke lona lefa la phutheho ya ba Jakobo.


Ka yona nako eo, Morena a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo tseo, e le hore le tle le di phethe ha le fihla naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.”


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


Ha ho lentswe le le leng la tsohle tseo Moshe a neng a di laele, leo Joshua a sa kang a le balla phutheho yohle ya Baiseraele, le basadi, le bana, le bajaki ba neng ba jakile hara bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ