Deuteronoma 4:1 - BIBELE1 “Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“ ‘Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng.